ARCH DIOSESE YA BLOEMFONTEIN
MOLAOTHEO WA
MAKGOTLA A KEREKE
1.
Ketapele : Ditlhoko tsa kereke matsatsing ana:
1.1
Morena le
Mopholosi wa rona o re file taelo ena: “Rata wa heno jwalokaha o ithata” (Mt
19: 19). Baapostola ba eketsa ka hore: “Jarelanang mefokolo" (Ba
Galata: 6.2) hobane ha e mong a re "O rata Modimo empa a hloile
ngwanabo o leshano" (1Jn 4.20).
Re fela re sala mohlala wa bakriste ba pele ha re bontsha tumelo ya rona ka ho tella ba bang maphelo a rona le ka ho abelana ka tseo re nang le tsona.
Ba ile ba tiisetsa ka botshepehi thutong
ya baapostola le kopanong ya bodumedi le ho ngwatheng ha bohobe le dithapelong.
Mehlolo e mengata le dimakatso tse neng di etswa ke baapostola di ne di hapa
maikutlo a bohle.
Badumedi ba ne ba phela mmoho mme ba
kopanela maruo a bona. Ba rekisa maruo
a bona le dintho tseo ba neng ba ena le tsona ba arolelana bohle kamoo e mong
le e mong a hlokang kateng.
“Ka letsatsi le leng le le leng ba ne ba
eba mmoho ka tempeleng. Ba ne ba
kopanela matlung a bona ho ngwathisana mahobe le ho abelana dijo ka thabo; ba
ne ba rorisa Modimo, ba ratwa ke batho bohle, mme ka letsatsi le letsatsi
Morena o ne a eketsa phutheho ka ba pholoswang.” (Diketso 2-42-47)
1.2
Ka dilemo
tse dikete tse pedi historing ya kereke ho entswe diteko tse ngata tsa ho
fihlella botebo ba lerato le boinehelo ho Morena Modimo, e leng matshwao a
boapostola ba nnete, ao badumedi ba Jerusalema ba neng ba tsejwa ka oona. Matsatsing ana a rona, kereke e kgothalletsa
bakriste ka matla ho nka karolo bodiseng ba meya le tlhokomelong ya dintho tsa
kereke kereke ya bona, e leng tsela e ntle ya ho sala morao mohlala wa badumedi
ba Jerusalema. Ke ka hoo ho bileng ha
phatlalatswa ka 1965,sebokeng sa Bobedi sa Vatikane, kgweletso ka boapostola ba
Bakriste (#10).
“Ere kaha ba na le kabelo mosebetsing wa
Kriste eo e leng Moprista Moprofeta le Morena, badumedi ba na le seabo se
seholo bophelong le tsamaisong ya kereke.
Tshebetso ya bona hara diphutheho ke ya bohlokwa ruri, mme kantle ho
yona badisa ba kereke ba sitwa ho ntshetsa pele mosebetsi wa boapostola ka
hohle-hohle.”
1.3 Molawana
wa kereke o phatlaladitsweng ka 1983 o tiisa taba ena mme o eketsa dintlha tsena:
1.3.1 Ka baka la ho tswalwa labobedi ho Kriste,
bakriste ba fuwa tlhompho ka ho lekana.
Mosebetsing ba fuwa kabelo ka ho lekana. Ka baka lena bohle ba kenya letsoho ho latela neo le maemo a bona
le se lebelletsweng ho bona kgodisong ya mmele wa Kriste (Canon 208).
1.3.2 Badumedi ba Kriste ba na le bolokolohi ba ho hlahisa ditlhoko tsa bona haholo-holo tsa semoya, le ditabatabelo tsa bona ho badisa ba kereke (Canon 212, 2).
1.3.3 Bakriste ba nang le tsebo, le bokgoni le maemo a
hlomphehang, ba na le tokelo le tshwanelo ya ho fana ka ditlhahiso tsa bona, ho
badisa ba kgethehileng ba kereke, tse ka tswelang kereke molemo ho ntse ho
hlokomelwa ka hlompho, bohlweki ba tumelo mme bohle ba lokela ho ikamahanya le
melao e amohetsweng ya boitshwaro. Ho
feta mona, ba fane ka tlhompho ho badisa ba kereke, ka lehlakoreng le leng ba
hopole hore motho ka mong o na le molemo setjhabeng mme o lokelwa ke tlhompho
(Canon 212,3)
1.3.4 Ha Mobishopo wa diosese a bona ho dumelletseha ho ka
thehwa lekgotla la kereke parisheng e ngwe le e ngwe. Lekgotleng lena le okametsweng ke Moprista, Bakriste ba fana ka
thuso ho atlehisa mosebetsi wa bodisa. Lekgotla la kereke le na le matla a
boeletsi feela mme le tsamaiswa ka ho ya ka melawana e beilweng ke Mobishopo wa
diosese (Canon 536, 1and 2).
1.4
Dilemong tse
mashome a mabedi le ho feta Archdioseseng ya Bloemfontein ho bile le tshebedisano
mmoho e nnileng ya hola pakeng tsa Baprista le ditho tsa diphutheho ka baka la
tshehetso e babatsehang ya makgotla a kereke diparisheng tsa ona. Sepheo sa molaotheo ona o ntjhafaditsweng ke
ho hloma molao wa mantlha o tla tataisa makgotla a kereke hammoho le diphutheho
tsa tsona tsa badumedi dikarolong tse fapa-fapaneng archdioseseng ya
Boemfontein.
1.5
Polelo ya
tjhebelo pele: Lekgotla la kereke
tshebedisanong mmoho le Moprista le tla hlophisetsa parishi polelo ya
tjhebelopele mme ha nako ya lona fihlile pheletsong le tla tlaleha kaha yona.
2 Sebopeho le Sepheo
2.1
Lekgotla la kereke (PPC) ke kopano ya
ditho tse kgethilweng ho tswa phuthehong ya badumedi ba parishi hammoho le
Moprista mme moo ho nang le Badiakone le basebeletsi ho dumelletswe hore le
bona ekaba ditho tsa lekgotla.
2.2
Dikopanong
tsa lekgotla dintlha tse tswang phuthehong tse amanang le bodisa di tla
tekwa tafoleng. Mme hoba di tshohlwe ho
nkuwe dikgato tse lokelang. Ka ho etsa
jwalo lekgotla la kereke le tla be le thusa Moprista ho ntshetsa pele
mosebetsi wa hae wa bodisa.
2.3 Lekgotla la kereke hammoho le Moprista le tla hlahloba ditaba
tsohle tse amanang le diphuthehwana tsa badumedi tikolohong ya parishi mme
ditshitshinyo tse hlahisitsweng ho lekwe ka matla hore di kenngwe tshebetsong.
2.4
Lekgotla la
kereke le tla hlokomedisa ditho tsa phutheho hore le tsona di jara boikarabelo
bo boholo, ka hona ho tlamehile hoba le tshebedisano mmoho pakeng tsa tsona le
lekgotla.
3 Tseo lekgotla le tshwanelang ho di
hlokomela
3.1
Ditshebeletso
Lekgotla la kereke hammoho le Moprista wa parishi le
ikarabela ho tse latelang:
3.1.1 Ho hlokomela hore tshebeletso e etswa ka tsela e
hlomphehang esita le ditshebeletso tse etsuwang Moprista a le siyo ka
Di-Sontaha ho itshetlehilwe ka molao wa kereke e katolike le wa archdiosese. Ka baka lena lekgotla le leng le le leng le
tshwanela ho theha komiti ya ditshebeletso e tla shebana le tshebeletso, le ho
jara boikarabelo mabapi le dikwaere tsa kereke ka ho di hlokomedisa hara tse ding,
kabelo ya tsona phuthehong.
3.1.2 Ho thusa badumedi ka ho fana ka tlhaloso ya bohlokwa
ba mekete ya kereke, le ya bahalaledi a yona le dinako tseo e tshwarwang ka
yona selemong.
3.1.3 " Ho hlokomela hore bafu ba patwa ka mokgwa wa
Sekriste ka ho latela meetlo ya kereke e katolike esita le ha Moprista a le
siyo.
3.2
Bophelo
ba sekreste le bopaki
Lekgotla la kereke hammoho le Moprista le tshwanela:
3.2.1 "Ho hlokomela hore badumedi ba fumana thuto le
tataiso ka tsa tumelo le boitshwaro ho ipapisitswe le molao wa kereke le wa
diosese.
3.2.2 Ho boloka le ho ntshetsa pele dithuto tsa tumelo tsa
bakatukumena ba batjha (dilemong) esita le ba baholo ho ntse ho hlokometswe
hore ba fumantshwa diphetolelo tse ntjha tsa katikisima hang ha di le teng.
3.2.3 Ho kgothalletsa malapa, mekgatlo le dikopano ka matla
ho bala bibele.
3.2.4 Ho tataisa bana le batjha ka lerato kutlwisiso le
mamello ho ipapisitwe le mekgwa le ditlhophiso tse sebediswang ka katleho. (ke
mekgatlo e hlokomelang batjha.)
3.2.5 Ho ba le tjantjello tabeng tsa manyalo le bophelo ba
malapa le ho fana ka thuso le kgothalletso moo ho hlokahalang.
3.2.6 Ho ikgodisa hore bakudi le maqheku ba fumana
tlhokomelo e ntle le lerato le mofuthu.
3.2.7 Ho phahamisa le ho ntlafatsa bophelo ba dikopano le
mekgatlo ya kereke le ho e hlokomedisa hore e inyalanye le phutheho.
3.2.8 Ho kgothalletsa Makatoliki ho nka karolo mererong ya
setjhaba, ka lerato le kutlwelobohloko
ho bohle ba sa ikamahanye le merusu e bakang pherekano.
3.3
Phadimeho
mabapi le borumuwa
Lekgotla la kereke, le ntse le sa lebale
thuto ya seboka sa bobedi sa Vatikane ya hore mosebetsi o ka sehlohong wa
kereke ke ho hasa lentswe (borumuwa) Le tla lokela:
3.3.1 ho hopotsa phutheho hore e bileditswe ho ba letswai
le lesedi le tomoso moo ba dulang teng. (Mt 5-13-16: 13-33).
3.3.2 ho
kgothalletsa badumedi ho ameha dibakeng kapa mafapheng ohle a hlokang barumuwa
ba tumelo, mohlala: dibaka tseo ho tsona ho tshohlwang ka tsa dikamano pakeng
tsa merabe esita le moo ho buisanwang ka tsa tsoseletso ya bakriste ba
kgathetseng.
3.3.3 ho kgothaletsa badumedi moya wa bofani, e bang ke
tjhelete kapa ka mekgwa e meng bakeng la borumuwa ba kereke hore Kriste a tle a
tsejwe ho ya fihla dipheletsong tsa lefatshe.
3.3.4 ho
hlokomedisa badumedi ka bohlokwa ba ho rapella dipitso tsa Baprista le tsa bo
boitlami le ho tshehetsa ba diseminaring le ba matlung a kwetliso.
3.3.5 ho hopotsa badumedi ka tshwanelo ya bona ya ho
kgothaletsa bara le baradi ba bona ho inehela ho Kriste le kereke ya hae ka ho
ba Baprista kapa baitlami ba tla thusa bakreste mahabo bona esita le dibakeng
tse ding.
3.4 Kamano le kereke tse ding
Lekgotla la
kereke le tla:
3.4.1 netefatsa hore dikamanong tsa phutheho le dikereke
tse ding ho latelwa sepheo sa kereke mmoho le melao ya yona e malebana le
bonngwe ba dikereke.
3.4.2 Romela batho ba nang le bokgoni dithupelong tsa
boitjhoriso ho ya ithuta leano la kereke mabapi le tsa dikamano le dikereke tse
ding e le hore phutheho ka kakaretso e tsebe taba ena ka ho tlala.
Ba ka kgethwang ho ba ditho tsa lekgotla
la kereke ke:
4.1
Ba
tiiseditsweng, ba dilemo di 18 bonyane, ba sa kgaolwang phuthehong ka mabaka a
itseng.
4.2
Ba nang le
mehlala e babatsehang, ya bophelo ba sekreste malapeng a bona le mahlong a
setjhaba.
4.3
Ba tshepahalang phuthehong ya bona.
4.4 Ba
dulang kamehla, ba batlela kereke eo e leng mmele o phelang wa Kriste ruri,
tsohle tse
molemo.
5
Tse
amang le dikgetho:
5.1
Dikgetho tsa
ditho tsa lekgotla di tla tshwarwa dimishioneng tsa archdiosese ka nako e le
nngwe.
5.2
Bonyane
kgwedi tse tharo pele ho fela nako ya lekgotla le ntseng le tshwere, sedika se
tla hopotsa dipharishi ho itokisetsa ho tshwara dikgetho.
5.3
Kgwedi pele
nako ya lekgotla le ntseng le tshwere e fela Moprista e mong le e mong o tla
phatlalatsa letsatsi la dikgetho tsa lekgotla le letjha dibekeng tse nne.
5.4
Phutheho ka
nngwe e tla ba le monyetla wa ho ikgopotsa molaotheo wa archdiocese kaha
dintlha tsa bohlokwa di tla balwa mme ho fanwe ka tlhaloso. Ha ho qetilwe dipampitshana tsena tsa
molaotheo di tla manehuwa moo batho ba tla di bona dipharisheng.
5.5
Badumedi ba
tiiseditsweng ba phutheho ba dilemo di 18 ho ya hodimo ba sa kgaolwang ke
kereke, ba na le tokelo ya ho kgethela lekgotla la kereke ditho.
5.4
HO THONNGWA HA BA TLA KGETHWA
5.4.1
Pele ho nako
ya dikgetho Moprista wa pharishe o tla mema phutheho ho thonya mabitso a
bo nkgetheng ba nang le bokgoni ba ho ba ka lekgotleng. Sena se ka etswa ka
mora missa wa Sontaha. Moprista o tshwanela ho etsa bonnete ba hore
diphuthehwana tsohle tsa bakriste pharisheng ya hae di na le ditho ka
lekgotleng. Ba thontsweng ba tlameha ho tsebisa hang hore ba amohela memo ya ho
kena lekgotleng kapa tjhe.
5.4.2
Haeba palo
ya ba kgethilweng e sa lekane ho tlatsa dikgeo tse ka lekgotleng ho koptjwa
ditho tsa lekgotla le tlohelang tshebetso ho rerisana le Moprista mme kamora
ditherisano ho mema badumedi ba ka lokelang, ho latela #5.3 ho hoba ditho tsa lekgotla.
5.4.3
Ha tsohle
tse etellang dikgetho pele di se di phethilwe mabitso ohle a ba thontsweng a
tla manehuwa moo a tla bonahala bakeng se itseng sa kereke.
5.5
Dikgetho
5.5.1
Mekgwa e
mmedi ya ho khetha e dumelletsweng:
5.5.1.1 Baemedi ba lekgotla ba kgethwa ke
diphuthehwana kapa mabatowa bakriste.
5.5.1.2
Moo ho
senang mabatowa baemedi ba lekgotla ba kgethwa ke phutheho.
5.5.2
Mokgatlo ka
mong o kgetha moemedi a le mong. Esita le batjha le basebeletsi le bona ba
emelwa ke setho se le seng.
5.5.3
Ba bang ba
baemedi ba lekgotla le sa tswa qeta nako ya lona ba ka boela ba kgethwa hore
ditaba tsa bohlokwa tsa lekgotla le fetileng di tle di ntshetswe pele ka thuso
ya bona.
5.5.4
Mabitso a
ditho tsa komitiphethahatso a romelwe ofising ya
Mobishopo hang ka mora dikgetho mme ho hlaloswe hore na di kgethetswe nako e kae.
5.5.5
Mohla
letsatsi la dikgetho bohle ba nang le tokelo ya ho kgetha ba tla kgetha ka
bolokolohi ditho tse 20 eseng ho feta
(palo ya ditho e ka feta mona ho latela palo ya mabatowa pharisheng).
5.5.6
Ho ka
kgethwa ka mokgwa o tlwaelehileng wa ho phahamisa matsoho, empa ha Moprista a
ka bona ho lokela a ka qeta ka hore ho kgethwe ka sephiri.
5.5.7
Moprista o tla kgetha bahlahlobi ba bane ba tla
bala divoutu le ho phatlalatsa diphetho tsa tsona phuthehong.
5.6
Lekgotla la kereke le kalosong ya Parishe (LPC)
5.6.1
Phuthehwana
e nngwe le e nngwe e nang le palo e lekaneng ya badumedi e tla thonya ditho tse
robedi ho theha lekgotlana la yona mme mabitso a tsona a fetisetswa ho
Moprista wa parishe ho a lekola le ho
fana ka maikutlo a hae.
5.6.2
Ha Moprista
wa sebaka a amohela mabitso a bona ba kgethilweng e ba ditho tsa lekgotlana leo
mme ba qala mesebetsi ya bona ho latela
melao ya molaotheo ona.
5.6.3
Lekgotlana
(LPC) ka leng le tla kgetha moemedi a le mong ya tla le emela lekgotleng la kereke
(PPC)
6
BAEMEDI
6.1
Kopano ka
nngwe ya batho ba baholo e dumellwa ho ba le moemedi a le mong ka lekgotleng ho
latela kopo ya Moprista. Ha ho kgethwa baemedi ho ipapiswe le tse hlalositsweng
moleng wa # 4 o ka hodimo.
6.2
Mekgatlo ya
batjha e nkang karolo kerekeng e tla emelwa
(Mokgatlo ka mong) ke batshehetsi ba baholo ba babedi ka lekgotleng. Batshehetsi ba kgethwa ka tumellano ya Moprista le mekgatlo ya batjha.
7.
Tlatsetso
Lekgotla la kereke le na le matla a ho kgetha ditho tsa tlatsetso
ka morero o ikgethileng, tse tla dula
ho fihlela ho fela nako eo le e balletsweng.
8.
Ditho tse amohelwang lekgotleng ka baka la maemo a tsona
9.2 Badiakone le basebeletsi bao tshebetso tsa bona e leng tsa dinako tsohle mme ba bontshang mafolo-folo mosebetsing wa bona ba ka amohelwa lekgotleng ka lebaka la maemo a bona.
9 Thupello le peho ya ditho tse ntjha
Kamora dikgetho ditho tsohle tsa lekgotla (PPC) di tla fumana thupello e lekaneng ka Moprista wa Pharishe hore di tle di kene mosebetsing wa bohlokwa wa kereke.
9.3
Ka mora thupello tsena Moprista o tla hlomamisa
ditho tse ntjha tsa lekgotla la kereke mmiseng ka Sontaha ka ho etsa tshebetso
ya tlhomamiso (e tshwanang le)e etsetswang baetapele ba setjhaba.
10 Ditho tsa komiti
10.1 Moprista wa Pharishe kapa moemedi wa hae e tla ba yena Mopresidente wa lekgotla la kereke ka baka la maemo a hae.
10.2 Kopanong ya bona ya pele, ditho tse ntjha tsa lekgotla la kereke di tla kgetha hara tsona modula-setulo, mongodi le batlatsi ba bona.
10.3 Ditho tsa komiti e theohang di ka kgethwa kgetlo la bobedi ka tatellano e seng kgetlo la boraro.
10.4 Ha e mong wa ditho tsa komiti a ka itokolla tshebetsong ka mabaka afe kapa afe pele ho feta nako eo lekgotla di le baletsweng, ditho tsa lekgotla (PPC) di tla kgetha e mong hara tsona ho tlatsa sekgeo seo ho fihlela dilemo tse tharo di fela.
11
Nako ya tshebetso e balletsweng ditho tsa
lekgotla
la kereke
11.1
Nako e
balletsweng ditho tsa lekgotla la kereke ke dilemo tse tharo. Ditho di ka boela
tsa kgethwa la bobedi ka tatellano e seng ho feta moo.
11.2
Ditho tsa
lekgotla tse bang siyo dikopanong ka makgetlo a mararo ka
tatellano di sa ikopela, kapa tsa ba siyo ntle le ho fana ka mabaka a utlwahalang di tla lahlehelwa ke ditulo tsa tsona ka lekgotleng.
11.3
Ha ho na le setho se hlokahetseng kapa se itokolotseng kapa se
kgaotsweng ho latela molao o hlahelang ho # 15.2 sekgeo se teng se ka tlatswa
ka motho ya mo latetseng ka palo ya divoutu. Ha sekgeo e le sa setho se neng se
le komitingphethahatso ya lekgotla la kereke, dithotsa lekgotla di tshwanela ho
kgetha kwalang sekgeo seo ka ho ya ka
(# 10.2 ka hodimo)
11.4 Bonyane ho be le tekanyo ya 25%
ya ditho tsa kgale lekgotleng le latelang hore ho tle ho be le
neheletsano ya ditaba tsa lekgotla le
fetileng ho le letjha.
12.1
Mosebetsi
wa Mopresidente
12.1.1
Ho
kgothaletsa ditho tsa lekgotla ( PPC )
ho ba mafolofolo boikarabelong ba tsona
ho ya ka moo ho hlalositsweng kateng moleng wa # # 1-3.4.2 wa molaotheo ona.
12.1.2
Mopresidente
o lokela ho hopotsa ditho tsa lekgotla la kereke kgafetsa hore di lokela ho
sebetsa jwaloka batataisi le
bahlokomedi ba kgothaletsang batho bohle ho kenya letsoho mosebetsing hona le
ho phetha mesebetsi yohle ka bo bona.
12.1.3
Ho
kgothalletsa lekgotla la kereke ho hlophisa moralo wa tshebetso wa
selemo le ho o kenya tshebetsong.
12.1.4
Ho hlophisa hammoho le modula-setulo lenaneo
la dintlha tseo ho tla buisanwa ka tsona dikopanong tsa lekgotla la kereke.
12.1.5
Ho hlokomedisa lekgotla la kereke hore le se tanakele ditaba tse seng
matleng a lona ka ho ya
ka kahlolo ya hae.
12.1.6 Ho thibela ditlhahiso tsa lekgotla tse sa dumellaneng le thuto ya kereke e Katoliki kapa le molao wa diosese.
12. 2
" Mesebetsi ya modula-setulo
12.2.1 " Ho hlophisa le Mopresidente
lenaneo la dintlha tseo ho tla buisanwa ka
tsona.
12.2.2 " Ho okamela le ho tsamaisa dikopano tsohle tsa lekgotla la kereke.
12.2.3 " Ho mamela ditlhahiso tsohle tse amanang le seo ho buisanwang ka sona le ho leka ho tataisa lekgotla ho fihlela tumellano hodima tsona.
12.2.4
" Ho hlokomela hore dibui di bue ka se tafoleng mme di se ke tsa ya
lolololo.
12.4.5 "Ho lebisa voutung le ho e tataisa ditabeng tseo ho sa fihlellwang tumellano ho tsona.
12.4.6
"Ho
hlahloba mosebetsi wa mongodi le wa motshwara matlotlo.
12.2.7
" Ho hlokomedisa lekgotla dintlha tse hlahisitsweng ke ditho tsa
phutheho
hore di kenngwe lenaneng la ditaba tseo ho lokelwang ho buisanwa ka tsona kopanong e latelang ya lekgotla.
12.2.8 " Ho saena metsotso ya mongodi e amohetsweng ke lekgotla la kereke.
12.2.9 " Ho tsebisa Mopresidente tsohle tse fihlelletsweng kopanong eo a neng a le siyo ho yona ha lekgotla le dutse mosebetsi wa hae o tla tshwarwa ke motlatsi wa hae.
12.2.10 Modulasetulo wa lekgotla ha ale siyo kopanong mosebetsi wa hae o tla tswarwa ke motlatsi wa hae
12.3 Mesebetsi ya mongodi
12.3.1 "Ho hopotsa ditho tsa lekgotla la kereke ka dikopano tse tla tshwarwa.
12.3.2 "Ho ngola dintlha tsa bohlokwa tsa
kopano e nngwe le e nngwe bukeng ya
metsotso.
.
12.3.3 "Ho bala metsotso ya dikopano tse fetileng le ho etsa ditokiso moo ho hlokahalang.
12.3.4 "Ho ngola ka botshepehi mabitso a ba leng teng
le a baleng siyo.
Ho ba siyo, a ngole
hore na ba rometse mangolo a fanang ka mabaka kapa tjhe.
12.3.5 Ho bala ba reng 'E' le ba reng ' Tjhe ' ka nako ya divoutu tsa PPC.
12.3.6
"Ho
hlokomela hore pele modula-setulo a kwala kopano ditho di tsebiswa hore na ho
tla boelwa ho kopanwa neng.
12.3.7 "Ho fana ka tlaleho e kgutshwanyane phuthehong ka Sontaha se hlahlamang seo ho seng ho dutswe ka sona hodima tsohle tsa bohlokwa tseo ho dumellanweng ka tsona.
12.3.8 Ho sebetsana le mangolo ohle a lekgotla la kereke.
13 Komitjana tsa tsamaiso
13.1 Lekgotla la kereke le tla ba le matla a ho theha dikomitjana tsa
tsamaiso le
ho di fa matla ho ya ka moo le bonang ho
hlokahala.
13.2 Ha ho hlokahale hore ditho tsa dikomitjana tsena ebe ditho tsa lekgotla empa modula -setulo wa komiti e nngwe le e nngwe o tlamehile ho ba setho sa lekgotla la kereke.
13.3 Lekgotla le leng le le leng le
lokela ho ba le komiti e nyenyane e tla shebana le mesebetsi e tshwanelang ho
phethwa e hlahisitsweng moleng wa # 3 o ka hodimo e leng: Ditshebeletso
(3.1). Bopaki le bophelo ba sekreste
(3.2) phadimeho mabapi le borumuwa (3.3).
Dikamano le dikereke tse ding (3.4) dikomiti tsa merero ya boithabiso,
tsa ho hlokomela hore thepa ya kereke, pakello ya ditjhelete esita le
ho hlokomela tsa thuta -tumelo, (Katikisima) jwalo-jwalo.
14
Dikopano
tsa lekgotla
14.1 Lekgotla la kereke le tla dula kgwedi e nngwe le e nngwe.
14.2 Ho hlokahala palo-hare ya ditho le setho se le seng ka hodimo hore lekgotla le ka dula.
14.3 Ho ke ke ha dulwa haeba Mopresidente le Modula-setulo le Motlatsi wa hae ba le siyo kopanong ya lekgotla.
14.4
Ha ho
voutelwa ditshitshinyo ka lekgotleng ho ka etswa jwalo ka ho phahamisa matsoho
ntle leha eba modula-setulo o bona ho le molemo ho vouta ka lekunutu tlasa
mabaka a itseng. Ditho di tshwanela ho hopola ka dinako tsohle hore PPC ke
lekgotla la boeletsi feela, eseng le etsang diqeto (sheba # 1.3.4 le 2.3 ka
hodimo).
14.5 Ha mahlakore a phehisanang a lekana ka
divoutu Modula-setulo a ka sedisa voutu ya hae e ikgethileng hodim'a voutu ya
nang le yona ya tlwaelo ho rarolla qaka ena.
14.6 Ha Moprista a hlokomedisa lekgotla hore ka
baka la boikarabelo ba hae o tlameha ho hanyetsa tshitshinyo e tekilweng
tafoleng (sheba # 12.1.5 kahodimo) ho ke ke ha nkuwa qeto hodima tlhahiso eo
kopanong eo.
14.7
Lentswe la
Mopresidente ke la ho qetela lekgotleng mme ha a hanana le ntlha e
hlahisitsweng ho ke ke ha hlola ho buisanwa ka yona.
14.8 Ha Modula-setulo a hlokomela hore ntlha e hlahisitsweng ha e lokele ho kena lenaneng le tla tshohlwa mongodi o tla leka kahohle -hohle ho tsebisa mohlahisi mabaka a thibetseng tlhahiso ya hae pele ho dulwa lekgotleng.
14.9 Baemedi ba makgotlana a di-Out steishene (sheba # 5.6.3 kahodimo) ba na le tokelo ya ho memelwa ho nka karolo lekgotleng la kereke. Empa tokelo ena ha e ba fe tlameho ya ho ba teng dikopanong tsohle tsa lekgotla la kereke ntle le memo ya modula-setulo. Empa dipharisheng tse nang le di out steishene tse haufi teng lekgotla la kereke le ka bea molao ho tloha mohla le thehwang wa ho re ba kene baemedi ba di out steishene tseo ho kena lekgotleng ka dinako tsohle.
15.1 Ha ho na le diqabang ka lekgotleng kapa dikomiting tse thehilweng ke lekgotla mme diteko tsohle tsa parish tsa ho rarolla qaka e teng di sa atlehe mahlakore a lwantshanang a ka kopa Mobishopo ho namola.
15.2 Ha setho sa lekgotla se qoswa ka
boitshwaro bo bobe ba sona kapa ka ho se phethe mosebetsi wa sona, se ka
kgaolwa ka divoutu tsa tekanyo ya 2/3 lekgotleng ha le sa itokolle. Sekgeo sa hae se lokela ho tlatswa kapele ho
latela mokgwa o hlahisitsweng # 11.4 ka hodimo.
15.3 Mopresidente, haeba ka tlasa mabaka a ke
keng a tsebiswa, a tswang boikarabellong ba hae ba bodisa a ka hlokomela hore
setho se seng sa lekgotla se lokela ho tebelwa kgato ena e ka nkuwa ka thuso le
tumello ya Moarchbishopo mme ha ho hlokahale hore ho fanwe ka lebaka la kgato
ena.
16
Tsela
ya ho fetola molaotheo
16.1 Molaotheo ona o tla kena tshebetsong hang feela hoba o phatlalatswe.
16.2 Ditlhahiso tse ka bang teng tsa hore o fetolwe di tshwanela ho lebiswa ho Moarchbishopo ya ka di fetisetsang ho (Deanery Pastoral Councils) hore ba di lekole.
ARCHDIOSISI
YA BLOEMFONTEIN
Bakeng sa
Dipharishe
1.
KETAPELE
1.
" Ka ho
latela molao wa 537 o tswang bukeng ya melao e meholo ya kereke (Code of Canon
Law') Komiti ya ditjhelete ya pharishe
(PFC) e tshwanela ho thehwa
pharisheng e nngwe le e nngwe.
2.
" Komiti
ya ditjhelete ha e tlasa taolo ya lekgotla la kereke e ikemetse. Lekgotla la
kereke (PPC) le thusa Moprista ho tsa
semoya ka mantswe a mang: Lekgotla le
kenya letsoho kalosong ya Badumedi, ha komiti ya ditjhelete yona e thusa
tlhokomelong ya thepa ya kereke le ho thusa Moprista ho fumana tsohle tse
hlokahalang pharisheng.
3. " Komiti ya ditjhelete e tla phetha mesebetsi ya yona ka ho latela ditsela tse beilweng molaong wa kereke (Canon Law) le melaong ya molaotheo ona oo, ha ho hlokahala oka ntjhafatsweng nako le nako ke Diosisi ya Bloemfontein.
2. Sepheo le Mesebetsi ya Komiti ya Ditjhelete ya Pharishe
Sebopeho
2.1 " Ntle le ho qhetela thoko molao wa
532 o tswang bukeng ya melao ya kereke
(Canon Law 2), komiti ya ditjhelete (PFC) e jara boikarabelo hodima thepa yohle ya kereke le ditjhelete tsa pharishe. Ho phetha mosebetsi wa yona. PFC e thuswa ke dikomiti tse nyenyane tsa ditjhelete tsa outsteishene tse lokelang ho thehwa diphuthehwanenng tse kgolwanyane tsa pharishe.
3.
Mesebetsi
ya Komiti
2.2.1 " Ho boloka rekoto ya ditjhelete: tse
kenang mokotleng wa pharishe, le tse sebedisitsweng ho latela tsela e
kgethilweng ke Diosisi ya ho tshwara dibuka tsa tjhelete (Bookkeeping).
2.2.2 " Ho bula diaccount tsa banka bakeng
sa ho boloka tjhelete. Diaccount tsena di tla tsejwa ka lebitso lena : RCC' ho
latele tlhaloso ya hore ke ya pharishe efe: Mohlala: RCC" Edenburg4.
TLHALOSO
1.
" Pharishi e nngwe le e nngwe e tshwanela ho ba le komiti ya
ditjhelete ho thusa Moprista ho hlokomela tsela eo thepa ya pharishi e
sebediswang ka yona ho ntse ho hlokomelwa molao wa 532. Komiti e laolwa ho ya
ka molao o sebediswang ka bophara ba lefatshe. (Universal law) le ho latela
melao e beilweng ke Mobishopo wa Diosisi, mme e theilwe ka ditho tsa badumedi
ba kgethilweng ka mekgwa e amohetsweng ke phutheho."
2.
" Moprista ke yena ya emang lebitsong la pharishi ho tsohle tse
amanang le molao wa naha. O tlameha ho hlokomela hore thepa ya kereke e
sebediswa ho ya ka molao wa 1281-1288".
3.
" Outsteishene e nang le palo e fetang 40 ya batho ba baholo:
4.
" E. emetse ' Roman Catholic Church ' Diosisi ya Bloemfontein.
2.2.3.
" Ho
hlokomela hore ditefello tse tshwanelang ho etsuwa di etswe kapele pele
2.2.3.1 " Dikabelo ho thusa Moprista mabapi le
ditlhoko tsa hae: tsa ka tlung ha hae,
le tsa ho ntshetsa pele mosebetsi wa hae wa bodisa le ho lefa ya meputso
basebetsi ba pharishe.
2.2.3.2
" Ho
lefa melato ya pharishe.
2.2.3.3 " Ho fetisetsa dinyehelo tsa pharishe
ya hae mokotleng wa diosisi
(Diocesians Central Fund).
2.2.3.4
"Ho lefa Insurance ya moaho le ya dipalangwang ka nako eo ho dumellanweng
ka yona.
2.2.4
"Ho hlokomela hore ho bokellwa dikoleke tse kgethehileng di-Outsteisheneng
tsa pharishe mme di romellwa baokameding ba ikarabellang hang-hang.
2.2.4.
" Ho
lokisa statement sa ditjhelete:
2.2.5.1. " Kgwedi e nngwe le e nngwe se lokisetswa Moprista wa pharishe.
2.2.5.2 " Kamora kgwedi tse tsheletseng se romellwa ho batsamaisi ba diosisi.
2.2.6 "Ho jara boikarabelo ba ho boloka
lenane la thepa yohle ya kereke e sebediswang kahohle pharisheng.
2.2.6.1.
"Ho hlokomela hore komiti e nngwe le e nngwe ya ditjhelete ya
di-Outsteishene e boloka lenane la thepa ya yona le hore thepa e ntjha e
amohetsweng e kenngwa hang lenaneng leo la yona.
2.2.6.2. "Ho romella ho balaodi ba diosisi
diphethoho tse bileng teng hara selemo lenaneng le radilweng la thepa ya
pharishe.
2.2.6.3. "Ho netefatsa mafelong a selemo se
seng le se seng sa ditjhelete hore thepa yohle ya pharishe e kentswe lenaneng
le ngotsweng. Me le leng la manane ao le romellwa ho balaodi ba diosisi.
2.2.7. " Ho saena moo ho hlokahalang,
ditumellano tseo pharishe le basebetsi ba dumellaneng ka tsona tsa tshebetso.
2.2.8.
“Ho tshwara
kopano mafelong a selemo se seng le se seng sa ditjhelete ho tla rala lenane la
tse tla hlokahala. Le tekanyetso ya
tjhelete e tla sebediswa ho di fumana lemong se latelang se hodimo. (Sheba #3.2.8 ka tlase).
2.2.9.
" Ho
hlokomela hore ho latelwa tekanyetso eo ho dumellanweng ka yona lemong se
hodimo.
2.2.10. " Ho ka mengwa di LFC tsohle tsa
pharishe ho tshwara kopano e sa
tlwaelehang ha feela ho
hlokahala e le kannete.
3. Sebopeho le Mesebetsi ya Dikomiti
tsa Ditjhelete tsa
Dibaka tse ka ntle tsa Pharishe
3.1. Sebopeho
Jwalokaha ho hlalositswe ka hodimo #
2.1 ho tlameha ho thehwe dikomiti
tsa ditjhelete dibakeng tse kantle
tsa pharishe, tse nang le palo e kgolo ya
badumedi (L.C) tse tla thusa komiti
ya ditjhelete ya pharishe ho phetha
mosebetsi wa yona wa ho hlokomela
thepa le ditjhelete tsa pharishe.
3.2
Mesebetsi
3.2.1 "Ho hlokomela hore ho be le rekoto ya
ditjhelete tse keneng le tse sebedisitsweng e ngotsweng ka tsela e amohetsweng
ke diosisi ya ho tshwara dibuka (Bookkeeping).
3.2.2
Ho bula
diaccount bankeng lebitsong la komiti ya lehae ya badumedi (L.C) Diaccount
tsohle di tla tsejwa ka lebitso lena "R.C.C." lona le latelwe ke
lebitso la pharishe eo komiti ya lehae e welang ka tlasa yona. Mohlala: "R.C.C." St Rose
Bloemfontein.
3.2.3
"Ho nka
boikarabelo ba ditjhelete tse bokellwang ho ya kamoo ho hlophisitsweng kateng
ke phutheho ya lehae (L.C) le ba ho bala koleke e keneng hara missa le ho
tsebisa phutheho (L.C) ka Sontaha se
hlahlamang, dinyehelo tsohle tse keneng ka Sontaha se sa tswa feta.
3.2.4
"Ho
ngola kgwedi e nngwe le nngwe statement sa ditjhelete tse keneng le ho fana ka
sona komiting ya ditjhelete ya pharishe.
3.2.5
"Ho
hlokomela lenane la thepa yohle ya kereke le ho hlokomela, nako le nako, hore
tsohle tse amohetsweng hamorao di kene lenaneng le entsweng. Ho feta mona ho tsebisa komiti ya ditjhelete
ya pharishe ka la di 31 Tshitwe, lemong se seng le se seng, diphethoho tsa
bohlokwa tse bileng teng lenaneng la thepa selemong se tswa feta.
3.2.6
"Ho
hlokomela hore melato yohle e lefuwa kapele-pele.
3.2.6.1 "Ho lefa masepala bakeng la mesebetsi eo a e etsang setsheng sa kereke (e kang: Metsi, Motlakase, Matlakala le matlwana) le mesebetsi e meng e ka hlahelang neng kapa neng.
3.2.6.2 “Ho lefa melato e saletseng morao.
3.2.6.3
"Ho
hlokomela hore ka dikabelo tsa phutheho ya lehae ho thuswa Moprista ka tseo a
di hlokang ka tlung ha hae le tsa Bodisa ba hae, ho ntse ho romelwa karolo e
itseng mokotleng wa Diosisi ka nako e behilweng.
3.2.7
"Ho
kgothalletsa phutheho ya lehae (L.C.) ho hlophisa ditsela tsa ho nyolla mokotla
wa phutheho (Fund-Raising).
3.2.8
“Ho kena
kopanong e tshwarwang hang ka selemo ya
dikomiti tsa mahae tsa ditjhelete (LFC'S) tsa pharishe (PFC) ho etsa
ditekanyetso tsa dintho tsohle tse tla hlokahala le tekanyetso ya tjhelete e
tla sebediswa bakeng sa tsona. (sheba #
2.2.8 ka hodimo).
4 Bao e kabang ditho tsa komiti ya
Ditjhelete ya Pharishe le ba komiti ya lehae ya Ditjhelete.
4.1
"Badumedi
ba eso kang ba qoswa ka eng kapa eng kerekeng bao bonyane ba nang le dilemo tse
21 mme ba hlatsitsweng ba ba ba tiisetswa ba na le tokelo ya ho ba ditho tsa
dikomiti tsena.
4.2 “ Ditho tsa PFC kapa LFC di tshwanela ho ba
le tsebo e batsi mabapi le tsa ditjhelete mme ho be le bopaki ba hore ba na le
bokgoni ba ho tshwara dibuka tsa ditjhelete (Bookkeeping) tsa komiti hape e be
baetapele ba sebeletsang setjhaba, bao bophelo ba bona le tshebetso ya bona di
pakang boikarabelo ba bona mabapi le tjhelete, neo eo ba e fumaneng mohla ba
amohelang sacramente e halalelang ya tiisetso.
4.2
Palo
ya Ditho tsa LFC le tsa PFC
4.2.1
E se ke yaba
batho ba fetang 5 ka palo. Le Moprista
a ka kgetha kamoo a ratang empa batho ba hae ba se ke ba feta 3 ka palo. " PFC e ka kgetha palo eo e e ratang
empa e se ke ya ba batho ba fetang 8 ka palo.
Mekgwa eo ho ka sebetswang ka yona.
1.
"Ho ya ka molao, lekgotla la
lehae (LFC) ha le le moo Moprista a dulang le tla phetha mesebetsi ya PFC.
2.
"Ha ho ka etsahala hore ho be
le LFC tse pedi kapa ho feta moo Moprista a dulang di LFC tse teng di ka hlahisa
baemedi ba 5 dithong tsa tsona ha Moprista yena a e na le bolokolohi ba ho
kgetha ka moo a ratang empa e se ke ya ba batho ba fetang 3 ka palo, ho
tlatselletsa palo ya LFC.
3.
"Ha e le dipherisheng teng,
ho ka sebediswa tsela e hlalositsweng temaneng ya 2. Ka hodimo ho theha PFC ya
yona.
4. 4 "Hang hoba di kgethwe, ditho tsa PFC
le tsa LFC di tla kgetha Modula-setulo, Mongodi le Mamatlotlo.
5
Mesebetsi
ya Moprista wa Sebeka:
5.1 "Ho hlokomela hore PFC le LFC di theilwe mme dia sebetsa pharisheng ya hae.
5.2 "Ke yena ya okamelang, mme ya tsamaisang dikopano tsa PFC.
5.3
"Jwaloka
modula-setulo (sheba # 6.2.1 le 6.3.1 ka tlase). o na le tokelo ya ho saena diaccount tsa PFC le tsa LFC.
5.4
"Ho
boloka rekoto ya ditjhelete tse kenang le tse sebedisitsweng, bakeng la ditlhoko
tsa ntlo ya hae le bakeng la ho phetha mesebetsi ya hae ya bodisa. Rekoto ena e
ngolwa ka mokgwa o amohetsweng ke diosisi wa ho tshwara dibuka (Bookkeeping)
5.5
"Ho
ngola statement kgwedi e nngwe le e nngwe ya tjhelete e keneng le e sebedisitsweng bakeng la tse hlokahalang ka
tlung ha hae le bakeng la mosebetsi wa hae wa bodisa.
5.6
"Ho
romella batsamaisi ba diosisi statement sa ditjhelete tse keneng le tse
sebedisitsweng kgweding tse tsheletseng tse qalang tsa selemo le tse latelang a bile a hlalosa hore o sebedisitse e kae bakeng la
tseo a di hlokang ka tlung le e kae bakeng la
mosebetsi wa hae wa bodisa.
5.7
"Ho
fana ka bopaki ba hore PFC e romelletse batsamaisi ba diosis statement sa yona
sa ditjhelete tse keneng le tse sebedisitsweng nakong ya kgwedi tse
tsheletseng.
6.
Mesebetsi ya ditho tsa komiti pharisheng
6.1 Mesebetsi ya
modulasetulo
6.1.1"Ho rala hammoho le motshwara matlotlo lenane la dintlha tseo ho tla buisanwa ka tsona dikopanong ha ho dutswe.
6.1.2. Modula-setulo wa PFC
6.1.2.1"Ke
setho sa PPC ka baka la maemo a hae.
6.1.2.2
Ho tsebisa
PPC diqeto tseo ba di nkileng komiting ya (PFC) le ho tshetlehela PPC mabaka a
entseng hore ho nkuwe diqeto tsena haeba PPC e
ne e sa utlwisisi.
6.1.3.3
"Ho
tshohla ditlhahiso tsa PPC tse amanang le komiti ya PFC
6.1.2 Modula-setulo wa LFC
6.1.2.1 "Ke setho sa LPC ka baka la maemo a
hae.
6.1.2.2
"Ho
tsebisa LPC diqeto tse nkuweng ke komiti ya (LFC) le ho fana ka mabaka a bakileng hore
ho nkuwe diqeto tsena ebang ho sa dumellanwa.
6.1.2.3 "Ho tshohla ditlhahiso tsa LFC.
6.2
Mesebetsi
ya Mongodi
6.2.1
"Ho
saena hammoho le e mong ya kgethilweng di account tsa kereke jwaloka mongodi
(sheba # 5.2 le 6.3.1)
6.2.2
"Ho
ngola le ho bala metsotso ya dikopano mohla ho dutsweng.
6.2.3
"O
ikarabella hodima mangolo ohle a komiti.
6.2.4
"Ha
motshwara matlotlo a le siyo o nka boemo ba hae kopanong e dutseng:
6.3
Mesebetsi
ya motshwara matlotlo
6.3.1
"Ho
saena di account tsa kereke, hammoho le e mong ya khethilweng, jwaloka
motshwara matlotlo.
6.3.2
"Ho
tshwara le ho boloka account ho ya kamoo molaotheo o hlophisitseng kateng le ho
latela ditaelo tseo ho fanwang ka tsona nako le nako ke batsamaisi ba matlotlo
a diosisi.
6.3.3
Ho jara
boikarabelo ba ho fana ka diresiti, tse dumelletsweng ke archdiosisi ya
Bloemfontein, bakeng la ditjhelete tse amohetsweng ke komiti:
6.3.4
"Ho
fana ka raporoto ya ditjhelete e felletseng le statement se setjha sa bankeng.
6.3.5
"E be
setho sa PPC le LPC ka baka la maemo a hae.
7
Komiti
e hlokomelang meaho le thepa ya kereke
7.1
Sebopeho
7.1.1 "Komiti e nngwe le e nngwe e tlangwa ke LFC ho
theha komiti e hlokomelang meaho le thepa ya kereke.
7.1.2 Ditho tsa yona di tla kgethwa ka ho ya ka tsebo ya
tsona.
7.1.3 "E tla ba le modula-setulo ya nang le hona ho ba
setho sa LFC.
7.2
Mesebetsi
7.2.1 "Ho ba leihlo la LFC le hlokomelang thepa ya
kereke le ho hlokomela hore tsohle di dula di lokile.
7.2.2 Ho
hlophisa tsela tsa ho sebetsa le ho lokisa tsohle tse lokelwang ho lokiswa tse
kang: Moaho wa kereke, terata e sireleditseng jarete ya kereke ka mahlokore
ohle, ditulo le ditafole le tse ding tsa bohlokwa tsa pharishe.
7.2.3
"Ho etsa bonnete ba hore jarete ya pharishe le tse ding di hlwekiswa nako
le nako.
8. Nako e balletsweng komoti ya
ditjhelete ya pharishe le ya komiti ya ditjhelete ya lehae.
8.1 "Dikhetho tsa ditho di tshwarwa ka nako
e le nngwe le tsa PPC tse tshwarwang diosising ka bophara, le ha ho boelwa ho
kgethwa botjha ho ntse ho kgethwa ka nako e le nngwe le PPC. Nako e balletsweng
ditho ho ba dikomiting tsena ke dilemo tse tharo. Ditho di ka boela tsa kgethwa
kgetlo la bobedi eseng ho feta.
9. Ho tshwarwa ha dikopano tsa komiti ya
ditjhelete ya pharishe le komiti ya ditjhelete ya lehae.
9.1 "Dikopano tse tlwaelehileng di
tshwarwa hang ka kgwedi
9.2 "Mafelong a kopano e nngwe le e nngwe
ho tlameha ho kgethwe letsatsi leo ho tla tshwarwa kopano e latelang ka lona.
9.3 "Ha ho hlokahala hore ho tshwarwe
dikopano tse sa tlwaelehang mongodi o tshwanela ho tsebisa ditho bonyane
matsatsi a supileng pele ho tla dulwa.
9.4 "Kopano e ka dula leha ditho di sa
fella ha fela ditho tse teng e le palo-hare ya ditho tsa komiti le setho se le
seng ka hodima palo eo.
9.5 "Ha modula-setulo a le siyo kopanong
motshwara matlotlo ke yena ya tshwarang kopano empa ha modula-setulo le
motshwara matlotlo ba le siyo ho ke ke ha dulwa.
9.6 "Setho se sitwang ho ba teng kopanong
ha ho dutswe se tshwanela ho tsebisa modulasetulo ka lengolo pele ho tla dulwa.
9.7.1 "Ditho tse bang siyo dikopanong ha ho dutswe
makgetlo a mararo ka tatellano ntle le ho fana ka mabaka a utlwahalang di tla
lahlehelwa ke ditulo tsa tsona.
10.1
"Ha ho na le dikgohlano ka hara PFC kapa LCF kapa hara e nngwe ya dikomiti
tse ka tlasa tsona mme diteko tsohle tse entsweng pharisheng tsa ho fedisa
diqabang di sa thuse letho, ho ka koptjwa Mobishopo ho namola.
10.2 "Ha setho sa PFC kapa LFC kapa setho sa
tse ding tsa dikomiti tse ka tlasa tsona se ka qoswa ka boitshwaro bo bobe kapa
ho hlakile hore ho fetile nako se sa tsotelle ho etsa mosebetsi maikutlo a hae
pele se kgaolwa.
10.3 Matla a Archdiosisi ya Bloemfontein
hodima Dikomiti tsa Ditjhelete tsa Pharishe le hodima Dikomiti Tsa Lehae Tsa
Ditjhelete.
10.4 "Diaccount tsohle tse butsweng ke PFC
le LFC di dula di le ka tlasa taolo ya baprista ba fuweng tokelo ya ho laela,
kapa ka tlasa Mobishopo wa archdiosisi ya Bloemfontein.
10.5.1 "Tjhelete ha e tla hulwa bankeng
ekaba silevera kapa tjheke ho tshwanela ho saene ditho tse pedi tsa komiti
(sheba # 5.2,6.2.1 le 6.3.1 ka hodimo).
Ho seng jwalo ho ke ke ha fanwa ka tumello.
10.6
"Ditjheke di ka saenwa ke bao ba nang le tokelo, ha feela lebitso la eo ya
tshwanelang ho lefuwa, le tjhelete e mo lefang, bobedi di ngotswe ho yona.
10.6
“Ba nang le
tokelo ya ho saena:
(a)
Moprista wa
pharishe (a le mong)
(b)
Archbishopo (a
le mong)
(c)
Ditho
tse pedi tsa pharishe (Setho ka seng se saena hammoho le Moprista wa
pharishe)
10.8 "Ha e le hantle, ha ho dumellwe hore
ho hulwe accounteng ya PFC kapa LFC ditjhelete tse fetang tseo komiti tsena di
nang le tsona.
10.9 "Ha ho dumellwe ho hang hore Moprista
wa sebaka, PFC kapa LFC a adimane ka tjhelete ya pharishe ho motho mang kapa
mang esita le mokgatlo ofe kapa ofe.
10.10 "Moprista ya fuweng matla kapa
Mobishopo ka boyena, kapa motho ya kgethilweng ke bona, o na le matla a ho
hlahloba dibuka tsa PFC le tsa LFC tsa ditjhelete.